12. Mme Barnabase ba ne ba mmitsa Jupitere, Pauluse yena, ba re, ke Merkure, kahobane e ne e le yena monga dipolelo.
13. Le yena moprista wa Jupitere, ya neng a le pela motse wa bona, a tla ka dipoho le meqhaka kgorong, a rata ho etsa mahlabelo a ena le bongata.
14. Empa baapostola, Barnabase le Pauluse, yare ha ba utlwa hoo, ba hahola diaparo tsa bona, mme ba ikakgela hara batho, ba ntse ba howa,
15. ba re: Banna le etsetsang jwalo na? Athe le rona, re batho ba fokolang jwaloka lona; re le bolella hore le lese mekgwa eo ya bosawana, le hore le sokolohele ho Modimo o phelang, o entseng lehodimo, le lefatshe, le lewatle, le dintho tsohle tse ho wona.
16. Mehleng e fetileng, o nnile wa lesa ditjhaba kaofela hore di tsamaye mekgweng ya tsona.
17. Leha ho le jwalo, ha o a ka wa phetsa ho itsebahatsa ho rona ka dipontsho, ka ho etsa batho hantle, wa re sitsa ka dipula tsa lehodimo le ka dilemo tsa nala, mme wa tlatsa dipelo tsa rona ka dijo le ka thabo.
18. Empa leha ba ne ba bolela taba tseo, ba batla ba sitwa ho thibela batho hore ba se ke ba ba hlabela.
19. Yaba ho fihla Bajuda ba tswang Antioke le Ikone, ba hapella batho ho bona; yaba ba tlepetsa Pauluse, ba mo hulanyetsa kantle ho motse, ba lekanya hore o shwele.
20. Empa yare ha barutuwa ba mo teela hare, a tsoha, mme a kena motseng.Hosasane, a ikela Derba le Barnabase.
21. Eitse hobane ba bolele Evangeli motseng oo, mme ba etse barutuwa ba bangata, ba kgutlela Listra, le Ikone, le Antioke,
22. ba ntse ba tiisa dipelo tsa barutuwa, ba ba kgothatsa ho tiya tumelong, mme ba ba lekanyetsa hore e ka kgona re kene mmusong wa Modimo ka matshwenyeho a mangata.
23. Ba bea baholo kerekeng e nngwe le e nngwe, ka ho rapela le ka ho itima dijo, ba ntoo ba bea mohaung wa Morena, eo ba dumetseng ho yena.
24. Ba feta ka Pisidia, ba ya Pamfilia.
25. Ba bolela lentswe Perge, ba ntoo theohela Attalia.