1. Pauluse le Barnabase, ha ba le Ikone, ba kena hammoho sinagogeng ya Bajuda, ba bolela lentswe teng, ha ba ha dumela bongata bo boholo ba Bajuda le ba Bagerike.
2. Empa Bajuda ba sa kang ba dumela, ba tsosa baditjhaba, hore dipelo tsa bona di tle di halefele baena.
3. Leha ho le jwalo, ba hlola teng matsatsi a mangata, ba bolela ba itshepisitse ka Morena, ya neng a tiisa lentswe la mohau wa hae ka ho etsa mehlolo le meeka ka matsoho a bona.
4. Yaba bongata ba motse jwa kgaohana, ba bang ba emetse Bajuda, ba bang ba emetse baapostola.
5. Yare ha moferefere o etswa ke baditjhaba le Bajuda le babusi ba bona, hore ba ba etse hampe, le ho ba tlepetsa,
6. baapostola ha ba utlwa hoo, ba tshabela metseng e meng ya Likaonia, e leng Listra le Derba, le dinaheng tsa teng.
7. Le teng ba ne ba bolela Evangeli.
8. Monna e mong o ne a le teng Listra ya neng a holofetse maoto haesale a etswa popelong ya mmae, a sa tsebe ho tsamaya.
9. Yare ha a ntse a mametse Pauluse ha a bua, Pauluse a mo sheba, mme ha a bona hobane o na le tumelo ya ho fodiswa,
10. a bua ka lentswe le leholo, a re ho yena: Ema ka maoto a hao. A tlolela pele, a ba a tsamaya.
11. Yare ha bongata bo bona se entsweng ke Pauluse, ba qala ho howa ka puo ya Selikaonia, ba re: Medimo e nkile sebopeho sa batho, e theohetse ho rona.
12. Mme Barnabase ba ne ba mmitsa Jupitere, Pauluse yena, ba re, ke Merkure, kahobane e ne e le yena monga dipolelo.
13. Le yena moprista wa Jupitere, ya neng a le pela motse wa bona, a tla ka dipoho le meqhaka kgorong, a rata ho etsa mahlabelo a ena le bongata.
14. Empa baapostola, Barnabase le Pauluse, yare ha ba utlwa hoo, ba hahola diaparo tsa bona, mme ba ikakgela hara batho, ba ntse ba howa,