Diketso 13:7-14 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. O ne a na le mmusisi Sergiuse Pauluse, monna ya hlalefileng. Eo a bitsa Barnabase le Saule, a lakatsa ho utlwa lentswe la Modimo.

8. Empa Elimase — ke ho re, senohe, ha lebitso la hae le fetolwa — a ba hanyetsa, a leka ho kgelosa mmusisi tumelong.

9. Yaba Saule, eo lebitso le leng la hae e leng Pauluse, o tlala Moya o Halalelang; a mo tjamela,

10. a re: Wena, motho ya tletseng thetso yohle le mano a mabe wohle, mora Diabolose, sera ho tsohle tse lokileng, na o tla lesa neng ho sokanya tsela tsa Morena tse lokileng na?

11. Jwale, bona, letsoho la Morena le hodima hao; o tla ba sefofu, o be o sa bone letsatsi ho isa motsotso. Yaba lefifi le botsho bo phakisa bo mo wela hodimo; o ne a dikadika, a batla ya ka mo tsamaisang ka letsoho.

12. Mmusisi yare ha a bona se hlahileng, a dumela, a makaditswe ke thuto ya Morena.

13. Pauluse le ba nang le yena, eitse hobane ba tlohe Pafose, ba fihla Perge, motse wa Pamfilia. Empa Johanne a kgaohana le bona, a kgutlela Jerusalema.

14. Haele bona, ba tloha Perge, ba tla Antioke wa Pisidia. Ba kena sinagogeng ka letsatsi la Sabatha, ba dula.

Diketso 13