Diketso 13:35-52 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

35. Le Pesalemeng e nngwe ho itswe: O ke ke wa lesa Mokgethwa wa hao hore a bone ho bola.

36. Athe haele Davida, eitse hobane a phethe ho ratwang ke Modimo ho pheleng ha hae, o ithobaletse, a ba a patwa ho bontatae, mme o bone ho bola.

37. Empa eo Modimo o mo tsositseng, ha a ka a bona ho bola.

38. Banna ba heso, tsebang kahoo hobane tshwarelo ya dibe le e boleletswe ka yena,

39. le hoba e mong le e mong ya dumelang ho yena o bewa ya lokileng nthong tseo le neng le sitwa ho bewa ba lokileng ho tsona ke molao wa Moshe.

40. Iponeleng ke hona, esere mohlomong se boletsweng ke baporofeta sa le hlahela, se reng:

41. Bonang, lona banyatsi, le makale, mme le timele; hobane ke tla etsa mosebetsi mehleng ya lona, mosebetsi oo le ke keng la o dumela, leha e mong a ka le bolella.

42. Eitse hobane ba tswe sinagogeng ya Bajuda, baditjhaba ba rapela hore, ka Sabatha e tlang, ba bolellwe ditaba tseo le bona.

43. Eitse ha phutheho e se e qhalane, Bajuda ba bangata, le Baporoselite ba sebeletsang Modimo, ba latela Pauluse le Barnabase; bao, yare ha ba bua le bona, ba ba kgothatsa ho tiisetsa mohaung wa Modimo.

44. Ka Sabatha e hlahlamang, motse wa hla wa batla o eba hammoho kaofela, ho utlwa ditaba tsa Modimo.

45. Empa Bajuda yare ha ba bona bongata, ba tlala mona, ba hanyetsa ditaba tsa Pauluse, ba nganga, ba nyefola.

46. Yaba Pauluse le Barnabase ba ba bolella pontsheng, ba re: Ho ne ho tshwanetse hoba lentswe la Modimo le bolellwe lona pele; erekaha le le hana, mme le ikahlola e le lona hore ha le a tshwanelwa ke bophelo bo sa feleng, bonang, re retelehela ho baditjhaba.

47. Hobane Morena o re laetse jwalo ka lentswe le reng: Ke o beile lesedi la ditjhaba, hore o be poloko ya tsona ho isa pheletsong tsa lefatshe.

48. Yare ha baditjhaba ba utlwa hoo, ba thaba, ba tlotlisa lentswe la Morena; mme bohle ba neng ba kgethetswe bophelo bo sa feleng ba dumela.

49. Lentswe la Morena la nna la hasana naheng eo yohle.

50. Empa Bajuda ba hlohlelletsa basadi ba hlomphuwang, ba tshabang Modimo, le baholo ba motse; ba tsosetsa Pauluse le Barnabase hloriso, mme ba ba leleka naheng ya bona.

51. Yaba ba hlohlora lerole le maotong a bona, ba ya Ikone.

52. Haele barutuwa, ba ne ba tletse thabo le Moya o Halalelang.

Diketso 13