31. mme o bile a bonwa ka matsatsi a mangata ke ba neng ba tlohe Galelea, ba tla Jerusalema le yena, bao e leng dipaki tsa hae pela setjhaba.
32. Rona, re a le tsebisa hore pallo e neng e etseditswe bontata rona,
33. Modimo o e phethile ho rona bao re leng bana ba bona, ka ho tsosa Jesu, jwalokaha ho ngodilwe Pesalemeng ya bobedi, ho thwe: O mora wa ka, ke o tswetse kajeno.
34. Pontsho ya hobane o mo tsositse bafung, hore a se hlole a kgutlela ho boleng, o boletse jwalo, wa re: Ke tla le nea mehauhelo e kgethehileng ya Davida, e tiileng.
35. Le Pesalemeng e nngwe ho itswe: O ke ke wa lesa Mokgethwa wa hao hore a bone ho bola.