27. Hobane ba ahileng Jerusalema le baholo ba bona, ereka ha ba sa ka ba tseba Jesu, ditaba tsa baporofeta tse balwang ka Sabatha e nngwe le e nngwe ba di phethile ka ho mo ahlola.
28. Leha ba sa ka ba fumana ho yena molato o tshwanetsweng ke lefu, ba qela ho Pilato hore a bolawe.
29. Eitse hobane ba phethe ditaba tsohle tse ngodilweng bakeng sa hae, ba mo fanyolla sefateng, ba mo kenya lebitleng.
30. Empa Modimo o mo tsositse bafung;
31. mme o bile a bonwa ka matsatsi a mangata ke ba neng ba tlohe Galelea, ba tla Jerusalema le yena, bao e leng dipaki tsa hae pela setjhaba.
32. Rona, re a le tsebisa hore pallo e neng e etseditswe bontata rona,
33. Modimo o e phethile ho rona bao re leng bana ba bona, ka ho tsosa Jesu, jwalokaha ho ngodilwe Pesalemeng ya bobedi, ho thwe: O mora wa ka, ke o tswetse kajeno.
34. Pontsho ya hobane o mo tsositse bafung, hore a se hlole a kgutlela ho boleng, o boletse jwalo, wa re: Ke tla le nea mehauhelo e kgethehileng ya Davida, e tiileng.
35. Le Pesalemeng e nngwe ho itswe: O ke ke wa lesa Mokgethwa wa hao hore a bone ho bola.
36. Athe haele Davida, eitse hobane a phethe ho ratwang ke Modimo ho pheleng ha hae, o ithobaletse, a ba a patwa ho bontatae, mme o bone ho bola.
37. Empa eo Modimo o mo tsositseng, ha a ka a bona ho bola.