Diketso 13:17-26 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

17. Modimo wa setjhaba sena sa Iseraele o ikgethetse bontata rona, mme o hodisitse setjhaba sena ha se sa aheletse lefatsheng la Egepeta; wa ba wa ba ntsha teng ka letsoho le phahameng.

18. Wa nna wa ba etsetsa ka mohau feelleng, ka dilemo tse mashome a mane.

19. Eitse hobane o fedise ditjhaba tse supileng lefatsheng la Kanana, wa ba abela naha eo ka dilemo tse batlileng ho ba makgolo a mane a nang le mashome a mahlano.

20. Kamora tseo, wa ba nea baahlodi ho isa ho moporofeta Samuele.

21. Mehleng eo, ba qela morena, mme Modimo wa ba nea Saule, mora Kishe, monna wa leloko la Benjamine, ka dilemo tse mashome a mane.

22. Eitse hobane o mo tlose, wa ba hlahisetsa Davida, hore e be morena wa bona, eo o mmoletseng, wa re: Ke fumane Davida, mora Jese, monna ya pelong ya ka, ya tla etsa hoo ke ho ratang hohle.

23. Lelokong la eo, ka pallo ya wona, Modimo o hlahiseditse Iseraele Mmoloki Jesu.

24. Enereha a eso ho hlahe, Johanne o ne a se a boleletse setjhaba sa Iseraele kaofela kolobetso ya pako.

25. Johanne ha a se a ya qeta leeto la hae, a re: Le hloma ke le mang? Ha ke yena. Empa bonang, e mong o ya tla kamorao ho nna, eo ke sa lokelang ho lokolla dieta maotong a hae.

26. Banna ba heso, bana ba leloko la Abrahama, le ba hara lona ba tshabang Modimo, lentswe lena la poloko le rometswe ho lona.

Diketso 13