11. Jwale, bona, letsoho la Morena le hodima hao; o tla ba sefofu, o be o sa bone letsatsi ho isa motsotso. Yaba lefifi le botsho bo phakisa bo mo wela hodimo; o ne a dikadika, a batla ya ka mo tsamaisang ka letsoho.
12. Mmusisi yare ha a bona se hlahileng, a dumela, a makaditswe ke thuto ya Morena.
13. Pauluse le ba nang le yena, eitse hobane ba tlohe Pafose, ba fihla Perge, motse wa Pamfilia. Empa Johanne a kgaohana le bona, a kgutlela Jerusalema.
14. Haele bona, ba tloha Perge, ba tla Antioke wa Pisidia. Ba kena sinagogeng ka letsatsi la Sabatha, ba dula.
15. Eitse hobane ho balwe mangolong a molao le a baporofeta, babusi ba sinagoge ba romella ho bona, ba re: Banna ba heso, ekare ha le na le taba ya kgothatso ho batho, le ka bua.
16. Yaba Pauluse o a ema, mme yare ha a ba hwehlile ka letsoho hore ba kgutse, a re: Banna ba Iseraele, le lona ba tshabang Modimo, mamelang!
17. Modimo wa setjhaba sena sa Iseraele o ikgethetse bontata rona, mme o hodisitse setjhaba sena ha se sa aheletse lefatsheng la Egepeta; wa ba wa ba ntsha teng ka letsoho le phahameng.
18. Wa nna wa ba etsetsa ka mohau feelleng, ka dilemo tse mashome a mane.
19. Eitse hobane o fedise ditjhaba tse supileng lefatsheng la Kanana, wa ba abela naha eo ka dilemo tse batlileng ho ba makgolo a mane a nang le mashome a mahlano.
20. Kamora tseo, wa ba nea baahlodi ho isa ho moporofeta Samuele.
21. Mehleng eo, ba qela morena, mme Modimo wa ba nea Saule, mora Kishe, monna wa leloko la Benjamine, ka dilemo tse mashome a mane.
22. Eitse hobane o mo tlose, wa ba hlahisetsa Davida, hore e be morena wa bona, eo o mmoletseng, wa re: Ke fumane Davida, mora Jese, monna ya pelong ya ka, ya tla etsa hoo ke ho ratang hohle.