Diketso 13:1-15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Baporofeta le baruti ba bang ba ne ba le teng Antioke, kerekeng ya teng Antioke, e le Barnabase, le Simone, ya reilweng Nigere, le Lusiuse, wa Sirene, le Manahene, ya neng a hodisitswe le Heroda moteterareke, le Saule.

2. Ha ba ntse ba sebeletsa Morena, ba itima dijo, Moya o Halalelang wa re: Nkgetheleng Barnabase le Saule, ba ye mosebetsing oo ke ba bileditseng wona.

3. Yare hobane ba itime dijo, ba rapele, ba ba bea matsoho, mme ba ba roma.

4. Yare hobane Moya o Halalelang o ba rome, ba theohela Selosia; teng ba kena sekepeng, ba tshelela Sipera.

5. Yare ha ba fihla Salamina, ba bolela lentswe la Modimo masinagogeng a Bajuda. Ba ne ba na le Johanne ya ba sebeletsang.

6. Yare ha ba tsamaile sehlekehlekeng ho ya fihla Pafose, ba fihlela monna wa senohe, moporofeta ya leshano wa Mojuda, lebitso la hae e le Bare-Jesu.

7. O ne a na le mmusisi Sergiuse Pauluse, monna ya hlalefileng. Eo a bitsa Barnabase le Saule, a lakatsa ho utlwa lentswe la Modimo.

8. Empa Elimase — ke ho re, senohe, ha lebitso la hae le fetolwa — a ba hanyetsa, a leka ho kgelosa mmusisi tumelong.

9. Yaba Saule, eo lebitso le leng la hae e leng Pauluse, o tlala Moya o Halalelang; a mo tjamela,

10. a re: Wena, motho ya tletseng thetso yohle le mano a mabe wohle, mora Diabolose, sera ho tsohle tse lokileng, na o tla lesa neng ho sokanya tsela tsa Morena tse lokileng na?

11. Jwale, bona, letsoho la Morena le hodima hao; o tla ba sefofu, o be o sa bone letsatsi ho isa motsotso. Yaba lefifi le botsho bo phakisa bo mo wela hodimo; o ne a dikadika, a batla ya ka mo tsamaisang ka letsoho.

12. Mmusisi yare ha a bona se hlahileng, a dumela, a makaditswe ke thuto ya Morena.

13. Pauluse le ba nang le yena, eitse hobane ba tlohe Pafose, ba fihla Perge, motse wa Pamfilia. Empa Johanne a kgaohana le bona, a kgutlela Jerusalema.

14. Haele bona, ba tloha Perge, ba tla Antioke wa Pisidia. Ba kena sinagogeng ka letsatsi la Sabatha, ba dula.

15. Eitse hobane ho balwe mangolong a molao le a baporofeta, babusi ba sinagoge ba romella ho bona, ba re: Banna ba heso, ekare ha le na le taba ya kgothatso ho batho, le ka bua.

Diketso 13