7. Empa hang, lengeloi la Morena la hlaha, mme lesedi la kganya teronkong; yaba le sisinya Petrose lehlakoreng, la mo tsosa, la re: Tsoha kapele. Yaba mahlaahlela a wa matsohong a hae.
8. Lengeloi la re ho yena: Itlame letheka, o rwale le meqathatso ya hao. A etsa jwalo. La ntoo re: Apara kobo ya hao, o ntatele.
9. Yaba o tswa, a le latela. O ne a sa tsebe hobane se etswang ke lengeloi ke nnete; empa o ne a hloma eka o bona pono ya mohlolo.
10. Hobane ba fete sehlopha sa pele sa balebedi le sa bobedi, ba fihla monyakong wa tshepe o isang motseng, mme wa ipulela bona; ba tswa, ba tsamaya sebaka seterateng se le seng, mme hanghang lengeloi la tloha ho yena.
11. Ebile moo Petrose a elellwang, a re: Jwale, ke tseba kannete hobane Morena o romile lengeloi la hae, mme o nnamoletse letsohong la Heroda le tebellong yohle ya setjhaba sa Bajuda.
12. Eitse hobane a imamele, a ya tlung ya Maria, mma Johanne ya reilweng Mareka, moo badumedi ba bangata ba neng ba phuthehetse teng, ba rapela.
13. Petrose eitse ha a kokota monyako wa mathule, morwetsana ya bitswang Rhode a tla mamela.
14. Yare ha a tsebile lentswe la Petrose, a se ke a bula monyako ka baka la ho thaba, a mpa a matha ho ya bolella ba ka tlung hobane Petrose o eme pela mathule.
15. Ba re ho yena: O a hlanya. Empa yena a tiisa, a re: Ho jwalo. Yaba ba re: Ke lengeloi la hae.
16. Empa Petrose o ne a tiisa ho kokota. Yare ha ba bula, ba mmona, mme ba tsota.
17. A ba hwehla ka letsoho hore ba kgutse, mme a ba phetela kamoo Morena a mo ntshitseng teronkong kateng; a ba a re ho bona: Tsebisang Jakobo le baena taba tseo. A ntoo tswa, a ikela bakeng se seng.
18. Yare hobane bosiu bo se, letsoso le leholo la eba teng hara bahlabani, la ho tseba hobane Petrose o entse jwang.