5. Petrose a nna a lebelwa teronkong jwalo; empa kereke yona e ne e sa phetse ho mo rapella ho Modimo.
6. Mohla Heroda a seng a ya mo hlahisa, ka bona bosiu boo, Petrose o ne a robetse mahareng a bahlabani ba babedi, a tlamilwe ka mahlaahlela a mabedi; balebedi ba emeng pela monyako ba ne ba lebela teronko.
7. Empa hang, lengeloi la Morena la hlaha, mme lesedi la kganya teronkong; yaba le sisinya Petrose lehlakoreng, la mo tsosa, la re: Tsoha kapele. Yaba mahlaahlela a wa matsohong a hae.
8. Lengeloi la re ho yena: Itlame letheka, o rwale le meqathatso ya hao. A etsa jwalo. La ntoo re: Apara kobo ya hao, o ntatele.
9. Yaba o tswa, a le latela. O ne a sa tsebe hobane se etswang ke lengeloi ke nnete; empa o ne a hloma eka o bona pono ya mohlolo.
10. Hobane ba fete sehlopha sa pele sa balebedi le sa bobedi, ba fihla monyakong wa tshepe o isang motseng, mme wa ipulela bona; ba tswa, ba tsamaya sebaka seterateng se le seng, mme hanghang lengeloi la tloha ho yena.
11. Ebile moo Petrose a elellwang, a re: Jwale, ke tseba kannete hobane Morena o romile lengeloi la hae, mme o nnamoletse letsohong la Heroda le tebellong yohle ya setjhaba sa Bajuda.