10. Hobane ba fete sehlopha sa pele sa balebedi le sa bobedi, ba fihla monyakong wa tshepe o isang motseng, mme wa ipulela bona; ba tswa, ba tsamaya sebaka seterateng se le seng, mme hanghang lengeloi la tloha ho yena.
11. Ebile moo Petrose a elellwang, a re: Jwale, ke tseba kannete hobane Morena o romile lengeloi la hae, mme o nnamoletse letsohong la Heroda le tebellong yohle ya setjhaba sa Bajuda.
12. Eitse hobane a imamele, a ya tlung ya Maria, mma Johanne ya reilweng Mareka, moo badumedi ba bangata ba neng ba phuthehetse teng, ba rapela.
13. Petrose eitse ha a kokota monyako wa mathule, morwetsana ya bitswang Rhode a tla mamela.
14. Yare ha a tsebile lentswe la Petrose, a se ke a bula monyako ka baka la ho thaba, a mpa a matha ho ya bolella ba ka tlung hobane Petrose o eme pela mathule.
15. Ba re ho yena: O a hlanya. Empa yena a tiisa, a re: Ho jwalo. Yaba ba re: Ke lengeloi la hae.
16. Empa Petrose o ne a tiisa ho kokota. Yare ha ba bula, ba mmona, mme ba tsota.
17. A ba hwehla ka letsoho hore ba kgutse, mme a ba phetela kamoo Morena a mo ntshitseng teronkong kateng; a ba a re ho bona: Tsebisang Jakobo le baena taba tseo. A ntoo tswa, a ikela bakeng se seng.
18. Yare hobane bosiu bo se, letsoso le leholo la eba teng hara bahlabani, la ho tseba hobane Petrose o entse jwang.
19. Heroda, eitse hobane a mmatlisise, mme a se mo fumane, a ahlola bahlabani, a laela hore ba ye ho bolawa. A ntoo tloha Judea, a theohela Sesarea, mme a ahella teng.
20. Heroda o ne a halefetse Batire le Basidone. Empa ba tla ho yena ba le lentswe le le leng, mme yare ha ba itlholetse Blaste, qhoku ya morena, ba kopa kgotso, kahobane naha ya bona e ne e sela ho ya morena.
21. Ka letsatsi le beilweng, Heroda a apara kobo tsa borena, a dula teroneng ya hae; ha a ntse a bua le bona,
22. setjhaba sa howa, sa re: Lentswe leo ke la Modimo, e seng la motho.
23. Empa lengeloi la Morena la phakisa la mo otla, kahobane ha a ka a busetsa letlotlo ho Modimo: a jewa ke diboko, a ba a shwa.