Diketso 12:1-14 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Mehleng eo, morena Heroda a qala ho hlorisa ba bang ba kereke;

2. mme a bolaya Jakobo, ngwanabo Johanne, ka sabole.

3. Yare ha a bona hobane hoo ho kgahlile Bajuda, a eketsa a tshwara le yena Petrose. E ne e le ka matsatsi a mahobe a se nang ditomoso.

4. Yare hobane a mo tshware, a mo kenya teronkong, mme a mo neela dihlophana tse nne, hore di tle di mo lebele, hlopha se seng le se seng se ena le bahlabani ba bane, a lakatsa ho mo hlahisa pela setjhaba ha Paseka e fetile.

5. Petrose a nna a lebelwa teronkong jwalo; empa kereke yona e ne e sa phetse ho mo rapella ho Modimo.

6. Mohla Heroda a seng a ya mo hlahisa, ka bona bosiu boo, Petrose o ne a robetse mahareng a bahlabani ba babedi, a tlamilwe ka mahlaahlela a mabedi; balebedi ba emeng pela monyako ba ne ba lebela teronko.

7. Empa hang, lengeloi la Morena la hlaha, mme lesedi la kganya teronkong; yaba le sisinya Petrose lehlakoreng, la mo tsosa, la re: Tsoha kapele. Yaba mahlaahlela a wa matsohong a hae.

8. Lengeloi la re ho yena: Itlame letheka, o rwale le meqathatso ya hao. A etsa jwalo. La ntoo re: Apara kobo ya hao, o ntatele.

9. Yaba o tswa, a le latela. O ne a sa tsebe hobane se etswang ke lengeloi ke nnete; empa o ne a hloma eka o bona pono ya mohlolo.

10. Hobane ba fete sehlopha sa pele sa balebedi le sa bobedi, ba fihla monyakong wa tshepe o isang motseng, mme wa ipulela bona; ba tswa, ba tsamaya sebaka seterateng se le seng, mme hanghang lengeloi la tloha ho yena.

11. Ebile moo Petrose a elellwang, a re: Jwale, ke tseba kannete hobane Morena o romile lengeloi la hae, mme o nnamoletse letsohong la Heroda le tebellong yohle ya setjhaba sa Bajuda.

12. Eitse hobane a imamele, a ya tlung ya Maria, mma Johanne ya reilweng Mareka, moo badumedi ba bangata ba neng ba phuthehetse teng, ba rapela.

13. Petrose eitse ha a kokota monyako wa mathule, morwetsana ya bitswang Rhode a tla mamela.

14. Yare ha a tsebile lentswe la Petrose, a se ke a bula monyako ka baka la ho thaba, a mpa a matha ho ya bolella ba ka tlung hobane Petrose o eme pela mathule.

Diketso 12