Diketso 11:6-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

6. Yare ha ke nyarela ho lona, ka tadima, ka bona diphoofolo tsa lefatshe tse maoto a mane, le dibatana, le dihahabi, le dinonyana tsa lehodimo.

7. Ka utlwa le lentswe le reng ho nna: Petrose ema, o hlabe, o je.

8. Ka re: Ho se be jwalo Morena; hobane ha ke eso ho je ntho e ditshila, leha e le e sa hlwekang.

9. Lentswe la boela la tswa lehodimong, la nkaraba, la re: Tseo Modimo o di hlwekisitseng, o se ke wa re, di ditshila.

Diketso 11