Diketso 11:6-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

6. Yare ha ke nyarela ho lona, ka tadima, ka bona diphoofolo tsa lefatshe tse maoto a mane, le dibatana, le dihahabi, le dinonyana tsa lehodimo.

7. Ka utlwa le lentswe le reng ho nna: Petrose ema, o hlabe, o je.

8. Ka re: Ho se be jwalo Morena; hobane ha ke eso ho je ntho e ditshila, leha e le e sa hlwekang.

9. Lentswe la boela la tswa lehodimong, la nkaraba, la re: Tseo Modimo o di hlwekisitseng, o se ke wa re, di ditshila.

10. Hona ha etswa hararo; tseo kaofela tsa ntoo boela di nkelwa lehodimong.

11. Ka nako yona eo, ka tshoha banna ba bararo, ba romilweng ho nna, ba tswang Sesarea, ba hlaha monyako wa ntlo eo ke neng ke le ho yona.

12. Moya wa mpolella, hore ke ye le bona, ke sa kganane. Baena bana ba tsheletseng ba ya le nna le bona, mme ra kena tlung ya monna eo.

Diketso 11