Diketso 11:4-15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

4. Yaba Petrose o qala ho ba phetela ditaba ka ho di hlomahanya, a re:

5. Ke ne ke le motseng wa Jopo, ke rapela; moya wa ka wa haptjwa; mme ka bona ntho e kang lesela le leholo le theoha lehodimong, le tlamilwe dintlheng tse nne, mme la tla ho nna.

6. Yare ha ke nyarela ho lona, ka tadima, ka bona diphoofolo tsa lefatshe tse maoto a mane, le dibatana, le dihahabi, le dinonyana tsa lehodimo.

7. Ka utlwa le lentswe le reng ho nna: Petrose ema, o hlabe, o je.

8. Ka re: Ho se be jwalo Morena; hobane ha ke eso ho je ntho e ditshila, leha e le e sa hlwekang.

9. Lentswe la boela la tswa lehodimong, la nkaraba, la re: Tseo Modimo o di hlwekisitseng, o se ke wa re, di ditshila.

10. Hona ha etswa hararo; tseo kaofela tsa ntoo boela di nkelwa lehodimong.

11. Ka nako yona eo, ka tshoha banna ba bararo, ba romilweng ho nna, ba tswang Sesarea, ba hlaha monyako wa ntlo eo ke neng ke le ho yona.

12. Moya wa mpolella, hore ke ye le bona, ke sa kganane. Baena bana ba tsheletseng ba ya le nna le bona, mme ra kena tlung ya monna eo.

13. A re bolella kamoo a boneng lengeloi kateng, ka tlung ya hae, le eme, le re ho yena: Romela banna Jopo, mme o late Simone, ya bitswang Petrose.

14. Ke yena ya tla o bolella taba tseo o tla bolokeha ke tsona, wena le ntlo ya hao kaofela.

15. Eitse hobane ke qale ho bua, Moya o Halalelang wa theohela hodima bona, jwalokaha ho entswe ho rona ho qaleng.

Diketso 11