20. Leha ho le jwalo, ba bang ho bona, e leng banna ba Sipera le ba Sirene, yare ha ba kena Antioke, ba bua le Bakgerike, ba ba bolella ditaba tsa Morena Jesu.
21. Letsoho la Morena la eba le bona, mme batho ba bangata ba dumela, ba sokolohela ho Morena.
22. Taba eo, eitse ha e utlwahala kerekeng ya Jerusalema, ba roma Barnabase hore a etele Antioke.
23. Eitse ha a fihla, mme a bona mohau wa Modimo, a thaba, mme a ba kgothatsa kaofela ho tiisetsa ho Morena ka pelo e pheheletseng.
24. Hobane e ne e le monna ya molemo, ya tletseng Moya o Halalelang le tumelo; mme batho ba bangata haholo ba kgomarela Morena.
25. Yaba Barnabase o ya Tarese, ho batla Saule.
26. Yare hobane a mo fumane, a mo tlisa Antioke; ba dule teng ba qeta ngwaha ba ntse ba phutheha le kereke; mme ba ruta bongata bo boholo. Ke Antioke barutuwa ba qadileng ho bitswa bakreste.
27. Mehleng eo, baporofeta ba bang ba theoha Jerusalema, ba tla Antioke.
28. E mong wa bona, ya bitswang Agabuse, a ema, mme a porofeta ka Moya hore tlala e kgolo e tla wela lefatshe lohle. E fedile ya hlaha mehleng ya Sesare Klaude.
29. Barutuwa ba eba ntswe le le leng ho romela baena ba ahileng Judea dithuso, kamoo e mong le e mong a neng a ka ntsha kateng.
30. Ba fela ba etsa hoo, mme ba di romela ho baholo ba phutheho ka matsoho a Barnabase le Pauluse.