16. Yaba ke elellwa polelo ya Morena, kamoo a boletseng kateng, a re: Johanne o fela a kolobeditse ka metsi, empa lona le tla kolobetswa ka Moya o Halalelang.
17. Mme Modimo ha o ba file neo e jwaloka eo o re neileng yona, rona ba dumetseng ho Morena Jesu Kreste, nna, ke ne ke le mang hore ke hane ho Modimo?
18. Yare ha ba utlwa taba tseo, ba lesa ho belaela; mme ba tlotlisa Modimo ka ho re: Efela Modimo o neile le baditjhaba pako, hore ba bone bophelo.
19. Ba neng ba qhalantswe ke hloriso e hlahileng ka Setefane, ba fetela pele ho ya Fenisia, le Sipera, le Antioke, ba sa bolelle motho lentswe, haese Bajuda ba nnotshi.
20. Leha ho le jwalo, ba bang ho bona, e leng banna ba Sipera le ba Sirene, yare ha ba kena Antioke, ba bua le Bakgerike, ba ba bolella ditaba tsa Morena Jesu.
21. Letsoho la Morena la eba le bona, mme batho ba bangata ba dumela, ba sokolohela ho Morena.
22. Taba eo, eitse ha e utlwahala kerekeng ya Jerusalema, ba roma Barnabase hore a etele Antioke.
23. Eitse ha a fihla, mme a bona mohau wa Modimo, a thaba, mme a ba kgothatsa kaofela ho tiisetsa ho Morena ka pelo e pheheletseng.
24. Hobane e ne e le monna ya molemo, ya tletseng Moya o Halalelang le tumelo; mme batho ba bangata haholo ba kgomarela Morena.
25. Yaba Barnabase o ya Tarese, ho batla Saule.
26. Yare hobane a mo fumane, a mo tlisa Antioke; ba dule teng ba qeta ngwaha ba ntse ba phutheha le kereke; mme ba ruta bongata bo boholo. Ke Antioke barutuwa ba qadileng ho bitswa bakreste.