8. Mme a ba phetela ditaba tsohle, a ntoo ba roma Jopo.
9. Ka hosasane, yare ha ba sa le tseleng, ba se ba atamela motse, Petrose a nyolohela hodima ntlo ho ya rapela, ha hora e batlile ho ba ya botshelela.
10. A lapa, a rata ho ja. Empa ha ba sa ntse ba mo lokisetsa dijo, moya wa hae wa hapjwa.
11. A bona lehodimo le phetlilwe, mme ho theohela ho yena ntho e kang lesela le leholo, le tlamilweng dintlheng tse nne, le lepellelang fatshe.
12. Le ne le nkile tsohle tsa lefatshe tse maoto a mane, le tse hahabang, le dinonyana tsa lehodimo.
13. Yaba lentswe le fihla ho yena, la re: Petrose, ema, o hlabe, o je.
14. Empa Petrose a re: Ho se be jwalo, Morena; hobane ha ke eso ho je ntho e ditshila, leha e le e sa hlwekang.
15. Lentswe la eketsa la re ho yena la bobedi: Tseo Modimo o di hlwekisitseng, o se ke wa re, di ditshila.
16. Hoo ha etswa hararo, lesela la ntoo boela le nyolosetswa lehodimong.
17. Petrose a re a sa ntse a nahana hore na mohlolo oo a o boneng o reng, ha fihla banna ba romilweng ke Kornele, ba botsa ntlo ya Simone; yaba ba ema monyako,
18. ba bitsa, ba botsa hore na ke moo Simone, ya bitswang Petrose, a fapohetseng teng na?
19. Petrose a re a sa ntse a nahana mohlolo oo, Moya wa re ho yena: Banna ke bao ba bararo, ba o batla.
20. Hlo o theohe, mme o ye le bona, o sa kganane, hobane ke nna ke ba romileng.
21. Yaba Petrose o theohela ho banna ba romilweng ho yena ke Kornele, a re: Ke nna eo le mmatlang; le tlile ka taba efe?