35. Empa hara ditjhaba tsohle, ya o tshabang, le ya etsang ho lokileng, ke yena ya o kgahlisang.
36. Haele lentswe leo o le rometseng ho bana ba Iseraele, ha o bolela kgotso ka Jesu Kreste, e leng Morena wa bohle, le a le tseba,
37. le tsona ditaba tse hlahileng Judea yohle, tse qadileng Galelea, kamora kolobetso e boletsweng ke Johanne;
38. kamoo Modimo o tlotsitseng ka Moya o Halalelang kateng, le ka matla Jesu wa Nasaretha, ya neng a tsamaya hohle, a ntse a etsa hantle, a fodisa bohle ba hataketsweng ke Diabolose; hobane Modimo o ne o ena le yena.
39. Rona, re dipaki tsa ditaba tsohle tseo a di entseng naheng ya Bajuda le Jerusalema. Ba mo fanyehile sefateng, ba mmolaya.
40. Empa Jesu eo, Modimo o mo tsositse bafung ka letsatsi la boraro, mme o mo hlahisitse pontsheng,
41. e seng ho setjhaba kaofela, e le ho dipaki tseo Modimo o di kgethileng pele, e leng rona bao re jeleng, re nweleng le yena, hobane a tsohe bafung.
42. O re laetse ho bolella setjhaba, le ho paka hore ke yena ya beilweng ke Modimo ho ahlola ba phelang le ba shweleng.
43. Baporofeta bohle ba mmoletse ka taba ya hore, e mong le e mong ya dumelang ho yena, o tla bona tshwarelo ya dibe ka lebitso la hae.
44. Yare ha Petrose a sa ntse a bolela taba tseo, Moya o Halalelang wa theohela hodima bohle ba utlwang lentswe.
45. Badumedi bao e leng ba lebollo, ba tlileng le Petrose, ba ba ba makala, ha ba bona neo ya Moya o Halalelang e tshollelwa le baditjhaba.
46. Hobane ba ne ba ba utlwa ba bua dipuo disele, ba boka Modimo.
47. Yaba Petrose o bua, a re: Na ke mang jwale ya ka hanang le metsi, hore bao ba se ke ba kolobetswa, haele mona ba se ba amohetse Moya o Halalelang jwaloka rona na?
48. Jwale, a laela hore ba kolobetswe ka lebitso la Morena. Yaba ba mo rapela, ba re a ke a hlole le bona matsatsi a mang.