23. Yaba o ba biletsa ka tlung, a ba amohela teng. Ka hosasane, Petrose a tloha le bona, mme baena ba bang ba Jopo ba ya le yena.
24. Yare ka hosasane, ba kena Sesarea. Kornele o ne a ba lebeletse, a bile a bitsitse le bahabo le metswalle ya hae e meholo.
25. Yare ha Petrose a kena, Kornele a mo kgahlanyetsa, a itihela maotong a hae, a mo kgumamela.
26. Empa Petrose a mo tsosa, a re: Tsoha; le nna ke motho feela.
27. A kena le yena, ba ntse ba bua hammoho, mme a fihlela batho ba bangata ba phuthehetse teng.
28. A re ho bona: Le a tseba hobane motho wa Mojuda ha a dumellwe ho kopana le moditjhaba, leha e le ho kena ha hae; empa Modimo o nkeleditse hobane ke se ke ka re, motho e mong o ditshila, leha e le ho re, ha a hlweka.
29. Ka baka leo, eitse hobane ke bitswe, ke tlile feela ke sa hane; mme jwale, ke le botsa taba eo le mpileditseng yona.
30. Yaba Kornele o araba, a re: Ho se ho fetile matsatsi a mane, ka nako e kang yona ena, ke ne ke itima dijo, ke rapela ka tlung ya ka ka hora ya boroba mono o le mong, mme ka bona monna a eme pela ka ka diaparo tse kganyang;
31. a re: Kornele, thapelo ya hao e utlwilwe, mme dithuso tsa hao di ile tsa hopolwa ke Modimo.
32. Jwale, romela Jopo, o late Simone, ya reilweng Petrose; o fapohetse tlung ya Simone mosuhi, e pela lewatle; etlare hobane a tle, ke yena ya tla bua le wena.
33. Ke ka baka leo ke phakisitseng ka romela ho wena; o entse hantle ha o tlile. Jwale, re dutse mona kaofela kapela Modimo, ho utlwa tsohle tseo Modimo o o laetseng tsona.
34. Yaba Petrose o ahlamisa molomo, a re: Ke lemoha ka nnete hore Modimo ha o ye ka tshobotsi ya batho.
35. Empa hara ditjhaba tsohle, ya o tshabang, le ya etsang ho lokileng, ke yena ya o kgahlisang.
36. Haele lentswe leo o le rometseng ho bana ba Iseraele, ha o bolela kgotso ka Jesu Kreste, e leng Morena wa bohle, le a le tseba,
37. le tsona ditaba tse hlahileng Judea yohle, tse qadileng Galelea, kamora kolobetso e boletsweng ke Johanne;
38. kamoo Modimo o tlotsitseng ka Moya o Halalelang kateng, le ka matla Jesu wa Nasaretha, ya neng a tsamaya hohle, a ntse a etsa hantle, a fodisa bohle ba hataketsweng ke Diabolose; hobane Modimo o ne o ena le yena.
39. Rona, re dipaki tsa ditaba tsohle tseo a di entseng naheng ya Bajuda le Jerusalema. Ba mo fanyehile sefateng, ba mmolaya.
40. Empa Jesu eo, Modimo o mo tsositse bafung ka letsatsi la boraro, mme o mo hlahisitse pontsheng,
41. e seng ho setjhaba kaofela, e le ho dipaki tseo Modimo o di kgethileng pele, e leng rona bao re jeleng, re nweleng le yena, hobane a tsohe bafung.