20. Hlo o theohe, mme o ye le bona, o sa kganane, hobane ke nna ke ba romileng.
21. Yaba Petrose o theohela ho banna ba romilweng ho yena ke Kornele, a re: Ke nna eo le mmatlang; le tlile ka taba efe?
22. Ba re: Kornele, molaodi wa lekgolo, monna ya lokileng, ya tshabang Modimo, ya roriswang ke setjhaba kaofela sa Bajuda, o laetswe ke Modimo ka lengeloi le halalelang, ho o biletsa tlung ya hae, a tle a utlwe seo o tla mmolella sona.
23. Yaba o ba biletsa ka tlung, a ba amohela teng. Ka hosasane, Petrose a tloha le bona, mme baena ba bang ba Jopo ba ya le yena.
24. Yare ka hosasane, ba kena Sesarea. Kornele o ne a ba lebeletse, a bile a bitsitse le bahabo le metswalle ya hae e meholo.
25. Yare ha Petrose a kena, Kornele a mo kgahlanyetsa, a itihela maotong a hae, a mo kgumamela.
26. Empa Petrose a mo tsosa, a re: Tsoha; le nna ke motho feela.
27. A kena le yena, ba ntse ba bua hammoho, mme a fihlela batho ba bangata ba phuthehetse teng.
28. A re ho bona: Le a tseba hobane motho wa Mojuda ha a dumellwe ho kopana le moditjhaba, leha e le ho kena ha hae; empa Modimo o nkeleditse hobane ke se ke ka re, motho e mong o ditshila, leha e le ho re, ha a hlweka.
29. Ka baka leo, eitse hobane ke bitswe, ke tlile feela ke sa hane; mme jwale, ke le botsa taba eo le mpileditseng yona.
30. Yaba Kornele o araba, a re: Ho se ho fetile matsatsi a mane, ka nako e kang yona ena, ke ne ke itima dijo, ke rapela ka tlung ya ka ka hora ya boroba mono o le mong, mme ka bona monna a eme pela ka ka diaparo tse kganyang;
31. a re: Kornele, thapelo ya hao e utlwilwe, mme dithuso tsa hao di ile tsa hopolwa ke Modimo.
32. Jwale, romela Jopo, o late Simone, ya reilweng Petrose; o fapohetse tlung ya Simone mosuhi, e pela lewatle; etlare hobane a tle, ke yena ya tla bua le wena.