13. Yaba lentswe le fihla ho yena, la re: Petrose, ema, o hlabe, o je.
14. Empa Petrose a re: Ho se be jwalo, Morena; hobane ha ke eso ho je ntho e ditshila, leha e le e sa hlwekang.
15. Lentswe la eketsa la re ho yena la bobedi: Tseo Modimo o di hlwekisitseng, o se ke wa re, di ditshila.
16. Hoo ha etswa hararo, lesela la ntoo boela le nyolosetswa lehodimong.
17. Petrose a re a sa ntse a nahana hore na mohlolo oo a o boneng o reng, ha fihla banna ba romilweng ke Kornele, ba botsa ntlo ya Simone; yaba ba ema monyako,
18. ba bitsa, ba botsa hore na ke moo Simone, ya bitswang Petrose, a fapohetseng teng na?
19. Petrose a re a sa ntse a nahana mohlolo oo, Moya wa re ho yena: Banna ke bao ba bararo, ba o batla.
20. Hlo o theohe, mme o ye le bona, o sa kganane, hobane ke nna ke ba romileng.
21. Yaba Petrose o theohela ho banna ba romilweng ho yena ke Kornele, a re: Ke nna eo le mmatlang; le tlile ka taba efe?
22. Ba re: Kornele, molaodi wa lekgolo, monna ya lokileng, ya tshabang Modimo, ya roriswang ke setjhaba kaofela sa Bajuda, o laetswe ke Modimo ka lengeloi le halalelang, ho o biletsa tlung ya hae, a tle a utlwe seo o tla mmolella sona.
23. Yaba o ba biletsa ka tlung, a ba amohela teng. Ka hosasane, Petrose a tloha le bona, mme baena ba bang ba Jopo ba ya le yena.
24. Yare ka hosasane, ba kena Sesarea. Kornele o ne a ba lebeletse, a bile a bitsitse le bahabo le metswalle ya hae e meholo.
25. Yare ha Petrose a kena, Kornele a mo kgahlanyetsa, a itihela maotong a hae, a mo kgumamela.
26. Empa Petrose a mo tsosa, a re: Tsoha; le nna ke motho feela.