Diketso 10:1-5 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Monna o ne a le teng Sesarea, lebitso la hae e le Kornele, e le molaodi wa lekgolo lekgotleng le bitswang la Italia.

2. E ne e le motho wa borapedi, ya tshabang Modimo, yena le ba ntlo ya hae bohle; o ne a thusa haholoholo bafumanehi ba hara setjhaba, mme o ne a sa phetse ho rapela Modimo.

3. A bona mohlolo ka hora ya boroba mono o le mong, a bontshisa lengeloi la Morena le etla ho yena, mme la re ho yena: Kornele!

4. Yena ha a le tadima, a tshoha, mme a re ho lona: Taba ke efe, Morena? La re ho yena: Merapelo ya hao le dithuso tsa hao di nyolohetse pela Modimo, di tle di hopolwe.

5. Jwale, romela banna Jopo, o late Simone e mong, ya reilweng Petrose.

Diketso 10