Diketso 1:13-26 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. Yare hobane ba kene hae, ba hlwella phaposing e kahodimo, moo ho neng ho dula Petrose, le Jakobo, le Johanne, le Andrease, le Filipi, le Thomase, le Bartholome, le Mattheu, le Jakobo, mora Alfea, le Simone Selote, le Judase, mora Jakobo.

14. Bao bohle ba nna ba tiisetsa ka pelo e le nngwe ho rapela le ho kopa, ba ena le basadi, le Maria, mma Jesu, le banababo.

15. Mehleng eo, Petrose a ema hara barutuwa moo ba phuthehetseng teng, bongata ba bona, ha ba balwa, bo batlile ho ba lekgolo le mashome a mabedi, a re:

16. Banna ba heso, ho ne ho tshwanela hore lengolo le etsahale, le porofetilweng ke Moya o Halalelang ka molomo wa Davida, le lekanyang Judase, eo e bileng motsamaisi wa ba tshwereng Jesu.

17. Hobane o ne a balwa hara rona, mme o ne a abetswe tshebeletso ena.

18. Empa yare hobane a ithekele tshimo ka moputso wa bokgopo, a itihela, a phatloha kalehare, mala a hae a ba a horometseha kaofela.

19. Ke taba e tsebilweng ke bohle ba ahileng Jerusalema, tshimo eo ba bile ba e reile Hakeldama, ka puo ya bona, ke ho re: Tshimo ya madi.

20. Hobane ho ngodilwe bukeng ya Dipesaleme, ho thwe: Boaho ba hae bo fetohe dithako, mme ho se be motho ya ahang teng; hape: E mong a nke bodisa ba hae.

21. Ka baka leo, ho banna ba bileng le rona mehleng yohle eo Morena Jesu a tsamaileng le rona,

22. ho qala kolobetsong ya Johanne ho fihlela letsatsi leo a nyolositsweng ho rona, e mong wa bona e ka kgona e be paki ya tsoho ya hae le rona.

23. Yaba ba hlahisa ba babedi, e mong e le Josefa, ya bitswang Barsabase, ya boetseng a reilwe Justuse, e mong e le Mathiase.

24. Ba rapela, ba re: Oho, Morena, wena ya tsebang dipelo tsa bohle, e be wena o supang eo o mo kgethileng ho ba babedi bana;

25. hore a nke kabelo ya tshebeletso ena le ya boapostola bona Judase a bo kgelohileng ho ya sebakeng seo e leng sa hae.

26. Jwale ba laola ka lotho; lotho ya ntsha Mathiase, a ba a kenngwa palong ya baapostola ba leshome le motso o mong.

Diketso 1