1. Oho, Theofile, lengolo la pele ke le entse ka ditaba tsohle tseo Jesu a qadileng ho di etsa le ho ruta ka tsona;
2. ka di fihlisa letsatsing leo a nyoloseditsweng lehodimong ka lona, hobane a laele, ka Moya o Halalelang, baapostola bao a ba kgethileng;
3. e leng bao e neng ere hobane a utlwiswe bohloko, a ileng a ipontsha bona, a se a phela, ka dipontsho tse ngata tse kgodisang, ba mmona ka matsatsi a mashome a mane, a ntse a bolela tsa mmuso wa Modimo.
4. Enereha a phuthehile le bona, a ba laela hore ba se ke ba tloha Jerusalema, ba mpe ba lebelle pallo ya Ntate, eo le e utlwileng ho nna,
5. hobane Johanne o fela a kile a kolobetsa ka metsi; empa lona le tla kolobetswa ka Moya o Halalelang, ha ho fetile matsatsi a se makae.
6. Enereha ba phuthehile le yena, ba mmotsa, ba re: Morena, na o re, e se e le jwale o tla tsosa mmuso wa Iseraele na?
7. A re ho bona: Ha ho a le lokela ho tseba mehla, leha e le dinako tseo Ntate a itaoletseng tsona a nnotshi.
8. Empa le tla fuwa matla mohla Moya o Halalelang o tlang ho lona, mme le tla ba dipaki tsa ka Jerusalema, le naheng yohle ya Judea, le ya Samaria, le ho isa pheletsong ya lefatshe.
9. Yare hobane a bolele taba tseo, a nyoloswa ba ntse ba mo tadimile, mme leru la mo tlosa mahlong a bona.
10. Ba re ba sa lelaletse lehodimong, ha a ntse a nyoloha, bonang, ha hlaha ho bona banna ba babedi, ba apereng diaparo tse tshweu,
11. ba re: Banna ba Galelea, le ntse le emetseng, le lelaletse lehodimong? Jesu eo ya nketsweng lehodimong a le hara lona, o tla be a tle ka mokgwa oo le mmoneng a eya lehodimong ka wona.