6. Tseba hobane hase ka baka la ho loka ha hao, Jehova, Modimo wa hao, a o neang lefatshe leo ho le rua; hobane o setjhaba se molala o thata.
7. Hopola, o se lebale, kamoo o halefisitseng Jehova, Modimo wa hao kateng, feelleng lena; ho qala ka letsatsi leo o tswileng lefatsheng la Egepeta ka lona ho tlisa ho leo le fihlileng ka lona bakeng sena, le nnile la ikgantshetsa Jehova.
8. Esita le Horebe, le phepheditse Jehova; Jehova a le halefela, a ba a hopola ho le timetsa.
9. Eitse ha ke nyolohela thabeng ho ya nka matlapa, matlapa a selekane seo Jehova a se entseng le lona, ka hlola thabeng matsatsi a mashome a mane, le masiu a mashome a mane, ke sa je bohobe, ke sa nwe metsi.
10. Jehova a nnea matlapa a mabedi, a ngodilweng ka monwana wa Modimo, ao ho neng ho ngodilwe ho wona dipolelo tsohle tseo Jehova a le boleletseng tsona a le thabeng, kahara mollo, letsatsing la phutheho.
11. Eitse hobane matsatsi a mashome a mane a fete, Jehova a nnea matlapa a mabedi, e leng matlapa a selekane;
12. mme Jehova a re ho nna: Ema, o phakise ho theoha; hobane setjhaba sa hao, seo o se ntshitseng Egepeta, se itshentse; ba phakisitse ho fapoha tsela eo ke neng ke ba laetse ho tsamaya ka yona; ba iketseditse setshwantsho se tsholotsweng.
13. Hape, Jehova a mpolella a re: Ke tadimile setjhaba sena, mme bona, ke setjhaba se molala o thata.
14. Ntesele, mme ke tla ba fedisa, ke hlakole lebitso la bona tlasa lehodimo, mme wena ke tla o etsa setjhaba se fetisang sena ka matla le ka bongata.
15. Yaba ke a tloha, ka theoha thabeng; thaba e ne e tuka mollo; ke ne ke tshwere matlapa a mabedi a selekane matsohong a ka.