Deuteronoma 9:2-16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

2. Ke setjhaba se seholo, se boemo bo bolelele, ke ditloholo tsa Baanake bao o ba tsebang, bao o utlwileng ha ho thwe: Ho ka ema mang pela bana ba Anake?

3. Tseba kajeno hobane Jehova, Modimo wa hao, o ya o etella pele, a le jwaloka mollo o timeletsang; o tla ba fedisa, a ba kokobetse pela hao; mme o tla ba falatsa, o ba fedise kapele, jwalokaha Jehova a o boleletse.

4. Etlere ha Jehova, Modimo wa hao, a ba lelekile pela hao, o se ke wa bua pelong ya hao, wa re: Ke ka baka la ho loka ha ka Jehova a nkentseng naheng ena hore ke e rue; athe ke ka baka la bokgopo ba ditjhaba tseo Jehova a tlang ho di falatsa pela hao.

5. Hase ka baka la ho loka ha hao, leha e le ka baka la bokgabane ba pelo ya hao, o yang ho kena lefatsheng la bona ho le rua; empa ke ka baka la bokgopo ba ditjhaba tseo Jehova, Modimo wa hao, a tlang ho di falatsa pela hao, a tle a tiise lentswe leo Jehova a le boleletseng bontatao, Abrahama, Isaaka le Jakobo, ka kano.

6. Tseba hobane hase ka baka la ho loka ha hao, Jehova, Modimo wa hao, a o neang lefatshe leo ho le rua; hobane o setjhaba se molala o thata.

7. Hopola, o se lebale, kamoo o halefisitseng Jehova, Modimo wa hao kateng, feelleng lena; ho qala ka letsatsi leo o tswileng lefatsheng la Egepeta ka lona ho tlisa ho leo le fihlileng ka lona bakeng sena, le nnile la ikgantshetsa Jehova.

8. Esita le Horebe, le phepheditse Jehova; Jehova a le halefela, a ba a hopola ho le timetsa.

9. Eitse ha ke nyolohela thabeng ho ya nka matlapa, matlapa a selekane seo Jehova a se entseng le lona, ka hlola thabeng matsatsi a mashome a mane, le masiu a mashome a mane, ke sa je bohobe, ke sa nwe metsi.

10. Jehova a nnea matlapa a mabedi, a ngodilweng ka monwana wa Modimo, ao ho neng ho ngodilwe ho wona dipolelo tsohle tseo Jehova a le boleletseng tsona a le thabeng, kahara mollo, letsatsing la phutheho.

11. Eitse hobane matsatsi a mashome a mane a fete, Jehova a nnea matlapa a mabedi, e leng matlapa a selekane;

12. mme Jehova a re ho nna: Ema, o phakise ho theoha; hobane setjhaba sa hao, seo o se ntshitseng Egepeta, se itshentse; ba phakisitse ho fapoha tsela eo ke neng ke ba laetse ho tsamaya ka yona; ba iketseditse setshwantsho se tsholotsweng.

13. Hape, Jehova a mpolella a re: Ke tadimile setjhaba sena, mme bona, ke setjhaba se molala o thata.

14. Ntesele, mme ke tla ba fedisa, ke hlakole lebitso la bona tlasa lehodimo, mme wena ke tla o etsa setjhaba se fetisang sena ka matla le ka bongata.

15. Yaba ke a tloha, ka theoha thabeng; thaba e ne e tuka mollo; ke ne ke tshwere matlapa a mabedi a selekane matsohong a ka.

16. Ka tadima, ka bona hobane le ne le sitetswe Jehova, Modimo wa lona, le iketseditse namane e tsholotsweng; le ne le fapohile kapele tsela eo Jehova a neng a le laetse yona.

Deuteronoma 9