19. Hobane ke ne ke tshohile bohale le kgalefo tseo Jehova a neng a le halefetse ka tsona ho le timetsa. Jehova a boela a nkutlwa le mohlang oo.
20. Hape, Jehova o ne a halefetse Aarone haholo, a rata ho mo timetsa; empa ka rapella le Aarone nakong eo.
21. Yaba ke nka sebe sa lona, namane eo le e entseng; ka e besa, ka e tula, ka e sila, ka e etsa phofo, mme ka akgela phofo ya yona molapong o theohang thabeng.
22. Hape, Tabeera, le Massa, le Kibrothe-Hattaava, le phepheditse Jehova.
23. Le mohla re leng Kadeshe-Barnea, ha Jehova a le roma, a re: Nyolohang, le rue lefatshe leo ke le neileng lona, la ikgantshetsa taelo ya Jehova, Modimo wa lona; ha le a ka la mo tshepa, mme ha le a ka la etsa ka lentswe la hae.