Deuteronoma 9:16-29 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

16. Ka tadima, ka bona hobane le ne le sitetswe Jehova, Modimo wa lona, le iketseditse namane e tsholotsweng; le ne le fapohile kapele tsela eo Jehova a neng a le laetse yona.

17. Ka tshwara matlapa a mabedi, ka a lahlela fatshe ka matsoho a ka, ka a bolaya pela mahlo a lona.

18. Ka itihela fatshe pela Jehova jwaloka pele, ka matsatsi a mashome a mane, le masiu a mashome a mane, ke sa je bohobe, ke sa nwe metsi, ka baka la dibe tsohle tsa lona, tseo le di entseng ka ho etsa bobe pela Jehova, ho mo phephetsa.

19. Hobane ke ne ke tshohile bohale le kgalefo tseo Jehova a neng a le halefetse ka tsona ho le timetsa. Jehova a boela a nkutlwa le mohlang oo.

20. Hape, Jehova o ne a halefetse Aarone haholo, a rata ho mo timetsa; empa ka rapella le Aarone nakong eo.

21. Yaba ke nka sebe sa lona, namane eo le e entseng; ka e besa, ka e tula, ka e sila, ka e etsa phofo, mme ka akgela phofo ya yona molapong o theohang thabeng.

22. Hape, Tabeera, le Massa, le Kibrothe-Hattaava, le phepheditse Jehova.

23. Le mohla re leng Kadeshe-Barnea, ha Jehova a le roma, a re: Nyolohang, le rue lefatshe leo ke le neileng lona, la ikgantshetsa taelo ya Jehova, Modimo wa lona; ha le a ka la mo tshepa, mme ha le a ka la etsa ka lentswe la hae.

24. Le ikgantsheditse Jehova haesale le mohla ke qadileng ho le tseba.

25. Efela ka itihela fatshe pela Jehova ka matsatsi a mashome a mane le masiu a mashome a mane, jwalokaha ke ne ke itihetse pele, kahobane Jehova a ne a itse, o rata ho le fedisa.

26. Ka rapela Jehova, ka re: Oho, Morena Jehova, o se ke wa fedisa setjhaba sa hao sa lefa la hao, seo o se lopolotseng ka boholo ba hao, seo o se ntshitseng Egepeta ka letsoho le matla.

27. Hopola bahlanka ba hao, Abrahama, Isaaka, le Jakobo; o se ke wa tadima bothata ba setjhaba sena, leha e le bokgopo ba sona, leha e le sebe sa sona,

28. esere mohlomong ba ahileng naheng eo o re ntshitseng ho yona, ba re: Erekaha Jehova a sitilwe ho ba kenya lefatsheng leo a ba baletseng lona, hape a ba hloile, ke ka hona a ba ntsheditseng ho ba bolaela lefeelleng.

29. Leha ho le jwalo, ke setjhaba sa hao sa lefa la hao, seo o se ntshitseng Egepeta ka matla a hao a maholo, le ka letsoho la hao le otlolohileng.

Deuteronoma 9