1. Iseraele, mamela! Kajeno o tla tshela Jordane ho ya rua ditjhaba tse o fetisang ka bongata le ka matla, le metse e meholo e nang le marako a malelele ho isa lehodimong.
2. Ke setjhaba se seholo, se boemo bo bolelele, ke ditloholo tsa Baanake bao o ba tsebang, bao o utlwileng ha ho thwe: Ho ka ema mang pela bana ba Anake?
3. Tseba kajeno hobane Jehova, Modimo wa hao, o ya o etella pele, a le jwaloka mollo o timeletsang; o tla ba fedisa, a ba kokobetse pela hao; mme o tla ba falatsa, o ba fedise kapele, jwalokaha Jehova a o boleletse.
4. Etlere ha Jehova, Modimo wa hao, a ba lelekile pela hao, o se ke wa bua pelong ya hao, wa re: Ke ka baka la ho loka ha ka Jehova a nkentseng naheng ena hore ke e rue; athe ke ka baka la bokgopo ba ditjhaba tseo Jehova a tlang ho di falatsa pela hao.