Deuteronoma 7:11-24 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

11. Ha ho le jwalo, boloka ditaelo, le melao, le dikahlolo tseo ke o laelang tsona kajeno hore o etse ka tsona.

12. Ha le fela le ka utlwa ditaelo tseo, la di boloka, mme la etsa ka tsona, Jehova, Modimo wa hao, o tla o bolokela selekane le mohau, kamoo a anetseng bontatao kateng.

13. O tla o rata, a o hlohonolofatse, mme a o atise; o tla hlohonolofatsa ditholwana tsa popelo le tsa mobu wa hao, koro ya hao, le veine e ntjha ya hao, le ole ya hao, le ho tswalwang ke dikgomo tsa hao, le dikonyana tsa dinku tsa hao lefatsheng leo a anetseng bontatao, a re, o tla o fa lona.

14. O tla hlohonolofatswa ho fetisa ditjhaba tsohle; banna le basadi ba nyopileng ba tla hlokahala hara lona, le metshelo e tla ba siyo mehlapeng ya lona.

15. Jehova o tla suthisetsa malwetse wohle hole le wena; a ke ke a o otla ka lefu le leng la mafu a mabe a Egepeta, ao o a tsebileng; empa bohle ba o hloileng, o tla ba otla ka wona.

16. O tla fedisa ditjhaba tsohle tseo Jehova, Modimo wa hao, a tla o neela tsona; mahlo a hao a se ke a di qenehela, mme o se ke wa sebeletsa medimo ya tsona, hobane hoo e ka ba leraba ho wena.

17. Ekare ha o re pelong ya hao: Ditjhaba tseno di mphetisa ka bongata; na nka di falatsa jwang?

18. o se ke wa di tshaba, o mpe o hopole tseo Jehova, Modimo wa hao, a di entseng ho Faro le ho Baegepeta kaofela.

19. Hopola meleko e meholo eo o e boneng ka mahlo a hao, le dipontsho, le mehlolo, le letsoho le matla, le letsoho le otlolohileng, tseo Jehova, Modimo wa hao, a o ntshitseng Egepeta ka tsona: Jehova, Modimo wa hao, o tla etsa jwalo ho ditjhaba tsohle tseo le di tshabang.

20. Hape, Jehova, Modimo wa hao, o tla romela diboba ho ya lwantsha ditjhaba tseo, ho fihlela ba setseng le ba ipatileng pela hao ba fela.

21. O se ke wa ba tshaba, hobane Jehova, Modimo wa hao, Modimo o moholo, o tshabehang, o ha eno.

22. Jehova, Modimo wa hao, o tla falatsa ditjhaba tseo pela hao butle; o ke ke wa di qeta kaofela hang, esere mohlomong dibatana tsa naha tsa o atela haholo;

23. empa Jehova, Modimo wa hao, o tla o neela ditjhaba tseo, a di tshose ka tshoho e tshabehang, di be di fediswe.

24. O tla neela marena a tsona matsohong a hao, mme o tla hlakola mabitso a wona tlasa lehodimo; ha ho motho ya tla tseba ho ema pela hao, ho fihlela o ba qeta kaofela.

Deuteronoma 7