Deuteronoma 32:32-47 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

32. Hobane morara wa bona o tswa morareng wa Sodoma le masimong a Gomorra ditholwana tsa bona ke ditholwana tse nang le mahloko, ditholwana tsa bona di a baba.

33. Veine ya bona ke mahloko a didrakone, ke mahloko a bolayang a qowane.

34. Na taba tseo ha di a bokellwa ho nna, ha di a kwahelwa matlotlong a ka na?

35. Phetetso e tla ba ya ka, le yona tefetso mohla maoto a bona a thekeselang; hobane letsatsi la tlokotsi ya bona le haufi, mme tse lokiseditsweng bona di a akofa.

36. Hobane Jehova o tla ahlolela setjhaba sa hae, mme o tla rekolohela bahlanka ba hae, ha a bona hobane matla a bona a fedile, mme ho se ho se motho ya ruileng, leha e le motho ya lokolohileng.

37. O tla re: Medimo ya bona e kae na? Le kae lefika leo ba le tshepileng?

38. E kae medimo e neng e eja mafura a mahlabelo a bona, e neng e enwa veine ya ditshelo tsa bona? A e eme, e le thuse, e be setshabelo sa lona.

39. Tadimang jwale hobane ke nna, e, ke nna feela, mme ha ho modimo o mong, haese nna; ke a bolaya, mme ke a phedisa; ke etsa leqeba, mme ke a le fodisa; ha ho motho ya ka o namolelang letsohong la ka.

40. Hobane ke emisetsa letsoho la ka lehodimong, mme ke re: Ke phela ka ho sa feleng!

41. Ha ke leotsa lerumo la ka le benyang, mme letsoho la ka ha le tshwara kahlolo, ke tla iphetetsa ho dira tsa ka, ke busetse ho ba ntlhoileng.

42. Ke tla tahisa metsu ya ka madi, mme lerumo la ka le tla ja nama, e leng madi a ba bolawang, le a ba hapilweng, le a dihlooho tsa marena a dira.

43. Etsang ditlatse tsa thabo, lona ditjhaba, hammoho le setjhaba sa hae; hobane o ya pheteletsa madi a bahlanka ba hae, a itefetse ho dira tsa hae; mme o tla etsetsa lefatshe la hae le setjhaba sa hae pheko.

44. Moshe a tla, mme a bolela mantswe wohle a sefela sena ditsebeng tsa setjhaba, a ena le Joshua, mora Nune.

45. Eitse hobane Moshe a qete ho bolella Baiseraele bohle mantswe ao wohle,

46. a re ho bona: Beang dipelo tsa lona tabeng tsohle tseo ke le pakelang tsona kajeno, le tle le di laele bana ba lona, ba tle ba itise ho etsa ka dipolelo tsohle tsa molao oo.

47. Hobane hase lentswe la lefeela leo le le beelwang, empa ke bophelo ba lona, mme ke ka lentswe lena le tla ngatafatsa matsatsi a lona lefatsheng leo le yang ho le rua ka ho tshela Jordane.

Deuteronoma 32