21. Ba mpouledisitse ka seo e seng Modimo, ba nkgalefisitse ka masawana a bona; le nna ke tla ba bouledisa ka setjhaba seo e seng setjhaba, ke ba halefise ka setjhaba se se nang kelello.
22. Hobane mollo o hoteditswe kgalefong ya ka, mme o tla tjhesa ho isa tlase nqalong ya bafu; o tla tjhesa lefatshe le tse behwang ke lona, o tjhese le metheo ya dithaba.
23. Ke tla bokella ditlokotsi kaofela hodima bona, mme ke tla ba fula ka metsu ya ka yohle.
24. Ba tla qetwa ke tlala, ba jewe ke mofuthu wa febere, le ke tshenyo e babang; ke tla ba romela meno a dibatana le mahloko a dinoha tse hahabang leroleng.
25. Kantle, lerumo le tla bolaya, ka tlung tshoho e tla ba teng; e tla nka mohlankana le morwetsana, lesea le anyang le motho e moputswa.