Deuteronoma 32:1-16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Lona mahodimo, sekehang ditsebe, mme ke tla bua; le wena lefatshe, mamela mantswe a molomo wa ka.

2. Thuto ya ka e tla rotha jwaloka pula; dipolelo tsa ka di tla qhitsa jwaloka phoka, di be jwaloka pula e tshesane e kolobisang jwang bo botjha, le jwaloka marothodi a nelang jwang.

3. Hobane ke tla bolela lebitso la Jehova: Rorisang Modimo wa rona!

4. Ke Lefika; mosebetsi wa hae o phethehile, hobane ditsela tsa hae kaofela di lokile: ke Modimo o tshepehang, o se nang bokgopo; o lokile, o kgabane.

5. Ba itshentse pela wona; ke bana ba ditshila; ke mofuta o kgelohileng, o nang le mano.

6. Setjhaba se se nang kelello, se hlokang bohlale, na ke hona hoo le putsang Jehova ka hona na? Na hase yena ntatao, ya o ruileng, ya o entseng, ya o tiisitseng na?

7. Elellwa mehla ya kgale, o lemohe dilemo tsa meloko e mengata; botsa ntatao, mme o tla o ruta; botsa maqheku a hao, mme a tla o bolella.

8. Yanayare mohla E moholoholo a abelang ditjhaba lefa la tsona, mohla a arohanyang bana ba batho, a bea meedi ya ditjhaba ka palo ya bana ba Iseraele;

9. hobane kabelo ya Jehova ke setjhaba sa hae; mme Jakobo ke kabelo ya lefa la hae.

10. Jehova o mo fumane a le nahathothe, feelleng le tshabehang ka bobe le ka mehoo ya tshenyeho; a mo teela hare kahohle, a mo hlokomela, a mo boloka jwaloka hoja e le thaka ya leihlo la hae.

11. A etsa jwaloka ntsu ha e tsosa madinyane a yona, mme e okaokela hodima wona, e emisa mapheo a yona, e nka bana ba yona, mme e ba pepa mapheong a yona.

12. Jehova o mo tsamaisitse e le yena a nnotshi; mme ho ne ho se modimo osele le yena.

13. O mo hlwesitse dithota tse phahameng tsa lefatshe, a ba a ja dijo tsa naha; a mo momontshitse dinotshi tse tswang mafikeng, le ole e tswang majweng a thata;

14. o mo fepile ka sereledi sa dikgomo, le ka lebese la dinku, le ka mafura a dikonyana, le ka dipheleu tse tswaletsweng Bashane; ka diphooko, le ka lefi la koro ya sebelebele e nonneng; mme o nwele veine ya sebele, metsi a mafubedu a morara.

15. Empa Jeshurune a nona, mme a raha. Wa nona, wa iketsa ya nyenya, le ya kgurumeditsweng ke mafura. O lahlile Modimo o mo entseng, o nyedisitse Lefika la poloko ya hae.

16. Ba o bouledisitse ka medimo esele, ba o halefisitse ka manyala.

Deuteronoma 32