Deuteronoma 31:8-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. Jehova, ka sebele sa hae, o tla o etella pele; o tla ba le wena, mme a ke ke a o tlohela, a ke ke a o lahla; se tshabe, mme o se ke wa tepella.

9. Moshe a ngola molao ona, mme a o nea baprista, bana ba Levi, ba jarang areka ya selekane sa Jehova, le baholo bohle ba Iseraele.

10. Moshe a ba laela, a re: Qetellong ya dilemo tse supileng, ka selemo sa teselo, moketeng wa Metlotlwane,

11. ha Baiseraele bohle ba tlile ho itlhahisa pela Jehova, Modimo wa hao, nqalong eo a tla e khetha, o tla bala molao ona pela Baiseraele kaofela, ba tle ba o utlwe.

12. O tla phutha setjhaba, banna, le basadi, le bana, le moditjhaba ya metseng ya hao, ba tle ba utlwe, mme ba ithute ho tshaba Jehova, Modimo wa lona, mme ba hlokomele ho etsa ditaba tsohle tsa molao ona.

13. Bana ba bona ba sa kang ba tseba ditaba tseo, ba tla utlwa, mme ba tla ithuta ho tshaba Jehova, Modimo wa lona, ka matsatsi wohle a ho phela ha lona lefatsheng leo le yang ho le rua ka ho tshela Jordane.

14. Jehova a re ho Moshe: Bona, letsatsi la ho falla ha hao le atametse; bitsa Joshua, mme le itlhahise tenteng ya pokano, ke tle ke mo laele. Moshe le Joshua ba ya, ba itlhahisa tenteng ya pokano.

15. Jehova a itlhahisa tenteng topallong ya leru, mme topallo ya leru ya ema e okametse monyako wa tente.

16. Jehova a re ho Moshe: Bona, o se o ya orohela ho bontatao, mme setjhaba sena se tla tloha se itshilafatsa ka ho ineela medimo esele ya lefatshe leo se yang ho aha hara lona; se tla mphuralla, se tlole selekane sa ka, seo ke se entseng le sona.

17. Mohlang oo, kgalefo ya ka e tla ba tukela; ke tla ba tlohela, ke ba patele sefahleho sa ka; ba tla jewa ke mahloko a mangata, ba fihlelwe le ke mahlomola a mangata. Mohlang oo, ba tla re: Na hase kahobane Modimo wa rona o le siyo hara rona, re hlahetsweng ke mahloko ao na?

18. Mohlang oo, ruri ke tla pata sefahleho sa ka ka baka la bobe bohle boo ba tla bo etsa; hobane etlaba ba fapohile, ba tle ba latele medimo e meng.

Deuteronoma 31