Deuteronoma 30:1-4 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Etlare hobane o hlahelwe ke ditaba tseo tsohle tseo ke di beileng pela hao, e leng lehlohonolo le thohako, ha o ikgopotsa tsona pelong ya hao, o le hara ditjhaba tsohle tseo Jehova, Modimo wa hao, a tla o qhalanyetsa hara tsona,

2. ha o sokolohela ho Jehova, Modimo wa hao, o utlwa lentswe la hae, wena, le bana ba hao, ka pelo yohle ya hao, le ka moya wohle wa hao, kahohle kamoo ke o laelang kateng kajeno,

3. Jehova, Modimo wa hao, o tla o kgutlisa kgolehong ya hao, mme o tla o hauhela, a boele a o bokelle ditjhabeng tsohle tseo Jehova, Modimo wa hao, a o qhalanyeditseng hara tsona.

4. Esita le hoja ba bang ba hao ba qhalantsweng ba ka ba pheletsong ya lehodimo, Jehova, Modimo wa hao, o tla o phutha teng, a o late hona teng.

Deuteronoma 30