Deuteronoma 3:7-15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. Ra mpa ra ikgapela makgomo wohle le thepa ya metse.

8. Ka mokgwa oo, mohlang oo, ra amoha marena a mabedi a Baamore naha e mose o kwana ho Jordane, ho tloha nokaneng ya Arnone, ho isa thabeng ya Hermone.

9. (Basidone ba bitsa Hermone Sirione, Baamore bona ba e bitsa Senire.)

10. Ra nka metse yohle e lehwatateng, le naha yohle ya Gileade, le ya Bashane, ho ya fihla Salka le Edrei, metse ya mmuso wa Oge, Bashane.

11. (Hobane Oge, morena wa Bashane, o ne a setse a nnotshi wa mofuta wa Barefaime. Ha ke re, malao a hae, e leng malao a tshepe a ntse a le Rabba, motseng wa bana ba Ammone? Bolelele ba wona ke ditswe tse robileng mono o le mong, mme bophara ba wona ke ditswe tse nne, ha ho lekanngwe ka setswe sa motho.)

12. Mohlang oo, ra hapa naha eo. Naha yohle, ho tloha Aroere e lebopong la nokana ya Arnone, ho isa bohareng ba thaba ya Gileade, le metse ya teng, ka e nea Barubene le Bagade.

13. Ho setseng ha Gileade, le naha yohle ya Bashane, e leng mmuso wa Oge, ka e nea mothapo o mong wa leloko la Manasse; ke naha ya Argobe, hammoho le naha yohle ya Bashane; ke yona naha e neng e bitswa naha ya Barefaime.

14. Jaire, mora Manasse, a nka naha yohle ya Argobe ho isa moeding wa Bageshure le wa Bamaakathe, mme a reella metse ya Bashane lebitso la hae; e ntse e le Havvoth-Jaire le kajeno.

15. Makire yena ka mo nea Gileade.

Deuteronoma 3