Deuteronoma 3:25-29 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

25. Ntumelle hle ke fete, mme ke bone lefatshe le molemo, le mose wane ho Jordane, le thaba tseno tse molemo, le Lebanone!

26. Empa Jehova a nkgalefela ka baka la lona, a se ke a nkutlwa; mme Jehova a re ho nna: Ho lekane, o se ke wa hlola o bua le nna ka taba eo.

27. Hlwella qhoweng ya Pisga, mme o ise mahlo nqa bophirimatsatsi, le nqa leboya, le nqa borwa, le nqa botjhabatsatsi, mme o bohe ka mahlo a hao; hobane haele Jordane eo, o ke ke wa ba wa e tshela.

28. O mpe o laele Joshua, o mo kgothatse, o mo natlafatse, hobane ke yena ya tla etella setjhaba sena pele, hape ke yena ya tla ba ruisa lefatshe leo o tlang ho le bona.

29. Ra dula sekgutlong, mabapa le Bethe-Peore.

Deuteronoma 3