17. Ka ba nea le lehwatata, leo moedi wa lona e leng Jordane, ho tloha Kinnerethe ho isa Lewatleng la Lehwatata, e leng Lewatle la Letswai, katlasa Pisga, nqa botjhabatsatsi.
18. Mohlang oo, ka le laela, ka re: Jehova, Modimo wa lona, o le neile naha eo, hore le e rue. Haele lona, banna bohle ba bahale, etellang banababo lona, bana ba Iseraele, pele, le hlometse.
19. Feela basadi ba lona, le bana ba lona le mehlape ya lona (hobane ke a tseba hobane le na le mehlape e mengata) ba sale metseng eo ke le neileng yona,
20. ho fihlela mohla Jehova a neileng banababo lona phomolo, jwalokaha a le neile, le bona ba tle ba rue lefatshe leo Jehova, Modimo wa lona, a ba neang lona mose wane ho Jordane; ke hona le tla kgutlela e mong le e mong lefeng leo ke le neileng lona.
21. Mohlang oo, ka laela Joshua ka re: Mahlo a hao a bone tsohle tseo Jehova, Modimo wa lona, a di entseng ho marena ao a mabedi: Jehova o tla etsa jwalo le ka mebuso yohle eo le tla e futuhela.
22. Le se ke la e tshaba, hobane Jehova, Modimo wa lona, o tla le lwanela e le yena.
23. Mohlang oo, ka rapela Jehova ka re:
24. Morena Jehova, o se o qadile ho bontsha mohlanka wa hao boholo ba hao le letsoho la hao le matla. Hobane modimo ke ofe mahodimong le lefatsheng, o ka etsang mesebetsi le diketso tse phahameng jwaloka tsena tsa hao?
25. Ntumelle hle ke fete, mme ke bone lefatshe le molemo, le mose wane ho Jordane, le thaba tseno tse molemo, le Lebanone!
26. Empa Jehova a nkgalefela ka baka la lona, a se ke a nkutlwa; mme Jehova a re ho nna: Ho lekane, o se ke wa hlola o bua le nna ka taba eo.