Deuteronoma 3:1-4 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Yaba re a kgutla, ra nyoloha ka tsela ya Bashane. Oge, morena wa Bashane, a tswa le setjhaba sa hae kaofela, a tla re kgahlanyetsa Edrei ka ntwa.

2. Jehova a re ho nna: Se mo tshabe, hobane ke mo neetse matsohong a hao, yena le setjhaba sa hae kaofela, le naha ya hae, o tle o etse ka yena kamoo o entseng kateng ka Sihone, morena wa Baamore, ya neng a ahile Heshbone.

3. Jehova, Modimo wa rona, a neela matsohong a rona le yena Oge, morena wa Bashane, le setjhaba sa hae kaofela, mme ra ba bolaya, ho se ke ha phonyoha le a mong wa batho ba hae.

4. Motsotsong oo, ra nka metse yohle ya hae; ha ho motse oo re sa kang ra o hapa; ra nka metse e mashome a tsheletseng, naha yohle ya Argobe, ke ho re, mmuso wa Oge, morena wa Bashane.

Deuteronoma 3