Deuteronoma 29:1-5 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Dipolelo tsa selekane seo Jehova a laetseng Moshe ho se etsa le bana ba Iseraele, naheng ya Moabe, kantle ho selekane seo a neng a se entse le bona Horebe, ke tsena:

2. Moshe a bitsa Baiseraele bohle, mme a re ho bona: Le bone tsohle tseo Jehova a di entseng pontsheng ya lona Egepeta, ho Faro le ho bahlanka ba hae kaofela le ho naha ya hae yohle;

3. le meleko e meholo eo mahlo a hao a e boneng, le dipontsho, le mehlolo yane e meholo.

4. Empa ho fihlela letsatsi la kajeno, Jehova ha a ka a le nea pelo tse utlwisisang, le mahlo a bonang, le ditsebe tse utlwang.

5. Ke le tsamaisitse feelleng ka dilemo tse mashome a mane; diaparo tsa lona ha di a ka tsa senyeha ho lona, le dieta tsa hao ha di a ka tsa haraswana maotong a hao.

Deuteronoma 29