56. Mosadi ya ithatang, ya kgesang ka ho fetisa hara lona, ya tshabang ho bea bohato ba leoto la hae fatshe, ka baka la bonolo ba hae le la ho kgesa, o tla tadima ka leihlo le lebe monna wa sefuba sa hae, le mora wa hae, le moradi wa hae;
57. o tla hana le mohlana wa hae, o tswang pakeng tsa maoto a hae, a hane le bana bao a tla ba tswala, hobane o tla ba ja sephiring ka ho hloka dintho tsohle, ka baka la ho thibellwa le la tsietsi e kgolo eo dira tsa hao di tla o tsietsa ka yona metseng yohle ya hao.
58. Ekare ha o sa itise ho etsa ka dipolelo tsohle tsa molao ona, tse ngodilweng bukeng ena, mme ha o sa tshabe lebitso leo le kganyang, le tshabehang la Jehova, Modimo wa hao,
59. Jehova o tla etsa hore dikotsi tsa hao, le dikotsi tsa ditloholo tsa hao, e be dikotsi tse makatsang, tse kgolo, tse sa feleng kapele, le mafu a mabe a hanellang ho wena.
60. O tla busetsa ho wena mafu wohle a Egepeta ao o a tshabileng, mme a tla o kgomarela.
61. Hape, Jehova o tla o hlahisetsa dipabo tsohle le dikotsi tsohle tse sa ngolwang bukeng ya molao ona, o be o fele.
62. Le tla sala le se bakae, leha pele le ne le le ka ka dinaledi tsa lehodimo ka bongata; kahobane o tla be o hanne ho utlwa lentswe la Jehova, Modimo wa hao.
63. Jwalokaha Jehova a ne a le thabela ka ho le etsetsa molemo, le ka ho le atisa, le hona Jehova o tla thabela jwalo ho le fedisa, le ho le timeletsa; mme le tla fotholwa lefatsheng leo o yang ho le rua.