42. Difate tsa hao tsohle, le tse behwang ke lefatshe, di tla senngwa ke makgokolo.
43. Baditjhaba ba ahileng haeno ba tla hola, ba o phahamele, haholoholo, mme wena o tla kokobela tlasetlase.
44. Ba tla namelwa ke wena, mme o ke ke wa namelwa ke bona; bona e tla ba hlooho, wena o tla ba marao.
45. Dithohako tseo kaofela di tla o hlahela, di o phallele, di o tshware, o be o timele; kahobane o tla be o hanne ho utlwa lentswe la Jehova, Modimo wa hao, le ho boloka ditaelo tsa hae le melao ya hae, eo a o laelang yona;
46. mme dithohako tseo di tla ba hodima hao, le hodima ditloholo tsa hao, kamehla, e be dipontsho le mehlolo.
47. Kahobane o tla be o sa ka wa sebeletsa Jehova, Modimo wa hao, ka thabo le ka pelo e monate, ka baka la ho atelwa ke ntho tsohle,
48. o tla sebeletsa dira tsa hao, tseo Jehova a tla di roma ho tla o lwantsha, o di sebeletse o lapile, o nyorilwe, o hlobotse, o hloka ntho tsohle; mme di tla bea joko ya tshepe molaleng wa hao, di be di o fedise.