33. Dijo tsa lefatshe la hao, le tsohle tsa ho sebetsa ha hao, di tla jewa ke setjhaba seo o sa se tsebeng; mme o tla hloriswa, o hatakelwe ka matsatsi wohle.
34. O tla be o hlanye ka baka la ditaba tseo o tla di bona ka mahlo a hao.
35. Jehova o tla o otla mangoleng le diropeng tsa hao ka diphatshwa tse bohlokohloko tse ke keng tsa fola, ho qala bohatong ba leoto ho isa hara hlooho.
36. Jehova o tla o isa, wena, le morena wa hao eo o tla ipeela yena setjhabeng seo wena le baholo ba hao o sa kang wa se tseba, mme teng o tla sebeletsa medimo esele e entsweng ka mahong le ka majwe;
37. mme o tla fetoha makalo, le sesomo, le tshomo hara ditjhaba tsohle tseo Jehova a tla o isa hara tsona.
38. O tla isa peo e ngata masimong a hao, empa o tla kotula ho seng hokae, hobane tsie e tla e ja.
39. O tla hloma merara, o e leme; empa ha o ka ke wa nwa veine ya yona, leha e le ho kotula ditholwana tsa yona, hobane di tla jewa ke diboko.
40. O tla ba le mehlwaare naheng yohle ya hao, empa ha o ka ke wa tlola ole, kahobane ditholwana tsa mehlwaare ya hao di tla hlohlorehela fatshe.