20. Ho rohakwe ya robalang le mosadi wa ntatae, hobane o apotse kobo ya ntatae! Mme setjhaba sohle se tla re: Amen!
21. Ho rohakwe ya robalang le phoofolo e nngwe! Mme setjhaba sohle se tla re: Amen!
22. Ho rohakwe ya robalang le kgaitsedi ya hae, kapa e leng moradi wa ntatae, kapa e leng moradi wa mmae! Mme setjhaba sohle se tla re: Amen!
23. Ho rohakwe ya robalang le matsalae! Mme setjhaba sohle se tla re: Amen!
24. Ho rohakwe ya otlang wa habo sephiring! Mme setjhaba sohle se tla re: Amen!
25. Ho rohakwe ya amohelang moputso ho bolaya motho ya se nang molato! Mme setjhaba sohle se tla re: Amen!
26. Ho rohakwe ya sa tiisetseng dipolelong tsa molao ona ho di etsa! Mme setjhaba sohle se tla re: Amen!