6. Baegepeta ba re etsa hampe, ba re hlorisa, ba re jarisa bohlanka bo thata.
7. Ke ha re tla howeletsa ho Jehova, Modimo wa bontata rona, mme Jehova a utlwa lentswe la rona, a tadima mahlomola a rona, le ho sebetsa ha rona, le ho tujwa ha rona.
8. Jehova a re ntsha Egepeta ka letsoho le matla, le ka letsoho le otlolohileng, ka letsoso le leholo, ka dipontsho le ka mehlolo.
9. O re tlisitse nqalong ena, mme o re neile lefatshe lena, lefatshe le kollang lebese le dinotshi.
10. Mme jwale, bona, ke tlisitse dilopotsiya tsa tse behwang ke lefatshe leo o nneileng lona, wena Jehova!O tla di bea pela Jehova, Modimo wa hao, o iname pela Jehova, Modimo wa hao.
11. O tla thabela molemo wohle oo Jehova, Modimo wa hao, a o neileng wona, wena le ba ntlo ya hao; o thabe, wena, le Molevi, le moditjhaba ya ahileng haeno.
12. Etlare ha o qetile ho ntsha karolo ya leshome ya tseo o di kotulang selemong sa boraro, e leng selemo sa ho ntsha karolo ya leshome, o tla e nea Molevi, le moditjhaba, le kgutsana, le mosadi wa mohlolohadi, ba tle ba e je metseng ya hao, mme ba kgore.
13. O tla re pela Jehova, Modimo wa hao: Ke ntshitse tlung ya ka tsohle tse kgethilweng, ke di neile Molevi, le moditjhaba, le kgutsana, le mosadi wa mohlolohadi, ka ditaelo tsa hao tsohle tseo o nneileng tsona; ha ke a ka ka tlola letho la ditaelo tsa hao, mme ha ke a ka ka di lebala.
14. Ha ke a ka ka di ja bofifing ba ka; ha ke a ka ka nka letho ho tsona hore ke etse taba e ditshila, mme ha ke a ka ka di neela mofu. Ke bolokile lentswe la Jehova, Modimo wa ka, ke entse ka tsohle tseo o ntaetseng tsona.
15. Tadima, o le mahodimong, nqalong ya hao ya bokgethehi ba hao, mme o hlohonolofatse setjhaba sa hao sa Iseraele, le lefatshe leo o re neileng lona, jwalokaha o anetse bontata rona, e leng lefatshe le kollang lebese le dinotshi.