4. monna eo wa pele, ya mo hladileng, a ke ke a boela a mo nka ho mo etsa mosadi wa hae, ha mosadi a se a silafaditswe; hobane hoo ke manyala pela Jehova; lefatshe leo Jehova, Modimo wa hao, a o fang lona ho le rua, o se ke wa le jarisa sebe.
5. Etlere motho ha a sa tswa nyala mosadi, a se ke a ya ntweng, mme a se ke a jariswa mosebetsi o mong. O tla newa sebaka sa ho itulela hae selemo, a thabise mosadi eo a mo nyetseng.
6. Ho se ke ha eba motho ya nkang lelwala, leha e le tshilo e silang, ho e etsa tebeletso; hobane ke ho nka bophelo ba motho ho bo etsa tebeletso.
7. Ekare ha o fumana motho ya utswitseng e mong wa banababo, e mong wa bana ba Iseraele, mme a mo entse lekgoba, kapa a rekile ka yena, leshodu leo le ke le shwe; ho tloswe bobe haeno jwalo.
8. Lemoha lefu la lepera, o tle o hlokomele ho etsa tsohle tseo baprista ba Balevi ba tla le ruta tsona. Itiseng, le etse ka tseo ke ba laetseng tsona.
9. Hopola seo Jehova, Modimo wa hao, a se entseng Miriame, tseleng, ha le sa tswa tloha Egepeta.
10. Ha o namelwa dintho tse ding ke ngwaneno, o se ke wa kena tlung ya hae.
11. O mpe o eme kantle, mme motho ya o nametseng, o tla o tlisetsa tebeletso kantle.
12. Ekare ha e le motho ya fumanehileng, o se ke wa robala o ena le tebeletso ya hae;
13. o mpe o busetse tebeletso ho yena, ha letsatsi le dikela, a tle a robale ka kobo ya hae, mme a o hlohonolofatse; ho wena hoo e tla ba ho loka pela Jehova, Modimo wa hao.
14. O se ke wa ja mothoduwa, ya fumanehileng, ya hlokang, kapa e leng e mong wa banabeno, kapa e leng wa baditjhaba ba ahileng naheng ya hao le metseng ya hao.
15. Ha letsatsi le eso ho dikele o tle o mo nee moputso wa hae wa letsatsi leo a sebeditseng ka lona; hobane ke mofumanehi, mme pelo ya hae e lebeletse moputso; o mo nee, esere mohlomong a howeletsa ho Jehova ka baka la hao, mme sebe sa eba teng ho wena.