Deuteronoma 22:6-15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

6. Etlere ha o tshoha o bona tseleng hodima sefate, kapa fatshe, sehlaha sa dinonyana se nang le madinyane, kapa mahe, mma wona a alamile madinyane, kapa mahe, o se ke wa nka nonyana le madinyane a yona;

7. o nke madinyane, mme o tlohele mma wona, o tle o be le lehlohonolo, mme o ngatafatse matsatsi a hao.

8. Etlere ha o haha ntlo e ntjha, o tle o etse lehora le potang marulelo a hao, esere mohlomong ntlo ya hlahelwa ke molato wa madi a motho ya leng hodima yona, a wela fatshe.

9. O se ke wa jala peo tsa mefuta tshimong ya hao ya morara, esere ho beha ha tseo o di jadileng, le ho beha ha morara, tsa o senyehela.

10. O se ke wa lema ka kgomo le esele di bofilwe hammoho.

11. O se ke wa apara seaparo se lohilweng ka dintho tse sa tshwaneng, jwaloka boya ba dinku le lene hammoho.

12. Etsa ditjellane masotong a mane a kobo eo o ikapesang ka yona.

13. Etlare ha monna e mong a nyala mosadi, mme a ya ho yena, a ntoo mo hloya,

14. mme a mo tlama ka ditaba tse mpehadi, tse senyang lebitso la hae, a mo hobosa, a re: Ke nkile mosadi eo, mme ha ke tlile ho yena, ha ke a ka ka fumana dipontsho tsa borwetsana ho yena;

15. moo ntata morwetsana le mmae ba tla nka dipontsho tsa borwetsana ba mosadi eo, ba di hlahise pela baholo ba motse, kgorong.

Deuteronoma 22