Deuteronoma 22:1-6 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Etlere ha o bona kgomo ya ngwaneno, kapa nku ya hae, di lahlehile, o se ke wa di fapoha, o mpe o di busetse ho ngwaneno.

2. Ekare ha ngwaneno a sa aha haufi le wena, mohlomong o sa mo tsebe, o di tlise hae, di dule ho wena, ngwaneno a be a tle ho di batla, e be moo o di busetsang ho yena.

3. Etsa jwalo le ka esele ya hae; etsa jwalo le ka diaparo tsa hae, le ka dintho tsohle tsa ngwaneno, tse lahlehileng. Ha o di bona di lahlehile, o se ke wa di fapoha.

4. Etlere ha o bona esele ya ngwaneno, kapa kgomo ya hae, di wetse tseleng, o se ke wa di fapoha; o mpe o mo thuse ho di tsosa.

5. Mosadi a se ke a apara diaparo tsa monna, mme monna a se ke a apara diaparo tsa mosadi; hobane bohle ba etsang jwalo, ba manyala ho Jehova, Modimo wa hao.

6. Etlere ha o tshoha o bona tseleng hodima sefate, kapa fatshe, sehlaha sa dinonyana se nang le madinyane, kapa mahe, mma wona a alamile madinyane, kapa mahe, o se ke wa nka nonyana le madinyane a yona;

Deuteronoma 22